Выберите трек для воспроизведения
A mpopa Molimo
A mpha oa hae Moya o Halalelang
A nthoma lefatseng lena
Ka morero le sepheo
Ka mohau, a mpha batsoali ba lerato
Ke motlotlo ka bona
Ba mpontsa tsela
Ba ntataisa
Ba nsupisa, moo nnete e leng teng
Ba re ho nna
O tl'o fihla
O tl'o fihla
Moo u eang teng
Ba re nna
Le nna
Ke tl'o fihla
Moo ke eang teng
Le nna, le nna
Ke tl'o fihla, moo ke eang teng
Le nna, le nna
Ke lo fihla, ke lo fihla
Ke ne ke sa tsebe, hore mona ke lefatseng
Masisapelo, a hlasela o sa lebella
Ke ne ke sa tsebe, hore mona ke lebaleng la ntoa
Le hloloang feela, ke lerumo la moya
Ho fumana pholoso
Ke ho latela la hae lentswe
Le reng: "Ke nna tsela, le nnete, le bophelo"
Mefokolong ea ka o mpha matla
Mohau oa hae oa ntatela
Lefifing ke eena khanya, e reng
Le nna, le nna
Ke tl'o fihla moo ke eang teng
Le nna, le nna
Ke e'o fihla moo ke eang teng
Le nna, le nna
Ke lo fihla moo ke eang teng
Le nna, le nna
Ke lo fihla, ke lo fihla